Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Kgorula
Kgorula
Kgorula
Ebook117 pages49 minutes

Kgorula

Rating: 5 out of 5 stars

5/5

()

Read preview

About this ebook

Kgorula ke pokello ya dithothokiso tsa kajeno ka sethothokisi se hlwahlwa seo ntle le tikatiko ya letho e leng e mong wa bangodi ba hlaheletseng ka mahetla ba Afrika mehleng ena ya rona. E akaretsa dihlooho le mmokotaba e fapaneng ka yona. E mekamekana le lerato le lehloyo, bobe le bottle, esitana le bophelo le lefu ka bobebe bona boo re ka bang ra kgolwa hore bothothokisi ke puo ya lefatshe lohle, e tsewang ke medimo yohle, mm ke yona mokgwa wa sebele wa o buisana le bosafeleng.
Maphalla o na le Mohope wa Mofolo wa thothokiso hara dikgau tsa hae, esitana le Kgau ya boyithothokisi ya M-Net. O boetse o abetswe Lengolo la Thotlo ke Lefapha la Foreisitata la Dipapdi, Bonono le Setso, esitana le Kgau ya Boiphihlelo ba ka nako tsohle ke Lefapha la nako tsohle ke Lefapha la naha la Bonono.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateNov 23, 2017
ISBN9781415460955
Kgorula
Author

KPD Maphalla

Kgotso Pieter David Maphalla o tswaletswe Bohlokong, Bethlehem, ho la Freistata, ka la 25 Hlakola 1955. Ke mora wa mme Melita Maphalla le ntate Mabusetsa Maphalla bao eseng e le bafu. O kene dikolo Bohlokong Lower Primary, Thabang Lower Primary, Khanyeng Higher Primary le Tiisetsang Secondary moo a phethetseng lengolo la materiki teng ka selemo sa 1974. Kamora moo o ile a ya ithutela dithuto tsa botitjhere mane QwaQwa koletjheng ya mehleng ya thuto, Tshiya moo a ileng a fumana lengolo la Primary Teachers Certificate ka selemo sa 1976. Ka selemo sa 1977 o ile a qala ho ruta sekolong sa Tshibollo Secondary se hona moo QwaQwa moo a rutileng dithuto tsa senyesemane le histori. Ka 1982 Maphalla o ile a boela hahabo Bohlokong moo a ileng a ruta puo eo a e boulellang le ho e rata haholo e leng ya Sesotho sekolong sa Thabo-Thokoza Secondary. Ka kgwedi ya Loetse selemong sa 1983 Maphalla o ile a lokela ho tlohella mosebetsi wa hae wa botitjhere kamora hore mmuso wa mehleng wa lehae la QwaQwa o neng o etelletswepele ke tonakgolo ya mehleng, Dr TK Mopeli o mo bitsetse ho ba mongodi, Lekgotleng la ketsamolao la lehae leo la QwaQwa.Dr KPD Maphalla o tsebahala haholo ka dibuka tsa hae tsa Sesotho. Maphalla o na le dibuka tse fetang mashome a mane a nang le metso e mmedi (42) tse kenyeleditseng dipadi (novels), dipalekgutshwe (short stories), dithothokiso (poetry) le dibuka tsa terama (drama books). O boetse o ngotse le padi ya senyesemane e leng, “A Tale of Two Fathers”, mme hape o ngotse le dibuka tsa phetolelo tsaSeburu ho ya puong ya Sesotho. Kgahlamelo ya bongodi ba hae e nametse boemong ba naha hoo le boholo ba dibuka tsa hae di sebediswang ke lefapha la thuto la naha dikolong, haholoholo dikolong tse phahameng. Hara dibuka tseo a di ngotseng re ka qoholla Tshiu tseo (padi), Botsang Lebitla (padi), Kabelwamanong (padi), Tahleho (terama), Makgaolakgang (dithothokiso) le Nna Ke Mang (padi). Dilemong tsa hae tsa ho qetela, o ne a ntse a kgwaritsa ka lesiba la hae la bongodi. Dibukeng tsa hae tsa moraorao re ka bua ka dibuka tse latelang, Mohlahlobi Tshita (padi ya bofuputsi), Ha maru a rwalellana (padi), Kgorula (dithothokiso), Bophelo ke dihaeya (padi) hammoho le tse ding tse ntseng di le ho baphatlalatsi. Ho boetse ho na le dibuka tsa dithothokiso tsenang le dintlha tse ding tsa thuto tse kentsweng ke ditsebi tse kgolo tsa puo tse kang Prof DJM Ngcangca le Prof BM Khotseng.Dibuka tse ding tsa hae di sebediswa ke baithuti ba dingolwa mafapheng a dipuo tsa Aforika diunivesithing tse fapaneng, Aforika Borwa. Ho na le baithuti ba dingolwa ba fumaneng Masters of Art Degrees ka mesebetsi ya hae. Hara bona re ka qoholla Prof. Mohlomi Moleleki ya ngotseng, “Some aspects of the poetry of KPD Maphalla” le Yvonne Makhubela ya ngotseng ka, “A stylistic analysis of the novels of KPD Maphalla.”Ntle le ho ba mongodi wa dibuka, Maphalla o ngotse le ditshwantshiso tsa diyalemoya tse jwalo ka Ramaruo e hasitsweng tlasa bohlahisi bomatla baTeboho Koekoe e ileng ya haswa ho Sesotho Stereo selemong sa 1975 ha mmoho le Kgomo boela hae e ileng ya haswa pheletsong ya dilemo tsa bomashome a supileng e tlasa bohlahisi ba sebapadi sa kalaneng se tsebahalang, Khotso (Ngwanabo/ Mopheme) Nkhatho.Dr KPD Maphalla o qadile ho ngola a le lemo tse leshome le metso e mehlano. Ka bongodi ba hae le dingolwa tsa hae tse ratwang o se a fumane dikgau tse letooto. Dilemong tse latelanang pakeng tsa 1991 le 1994 Maphalla e bile mohlodi wa mohope o potolohang wa mokgatlo wa bangodi wa Lesiba e leng mohope wa Moiloa. Ka 2005 lefapha la naha la bonono le setso le ile la tlotla Maphalla ka kgau e babatsehang ya boiphihlelo ba bophelo bohle (Lifetime Achiever Award) eo a ileng a e neheletswa ke letona la nako eo la lefapha e leng, Dr Pallo Jordan. Ka selemo se latelang sa 2006, lefapha la Freistata la dipapadi, bonono, setso le boikgathollo la abela Maphalla lengolo la tlotlo bakeng sa seabo sa hae se toma ntshetsopeleng ya puo ya Sesotho le dingolwa tsa yona. Ngaka Maphalla e bile mohlodi dikgaung tsa dingolwa tsa M-NET le De Jager Haum. Ka selemo sa 2009 e bile mohlodi mokgahlelong wa puo ya Sesotho dikgaung tsa dingolwa tsa Maskew Miller Longman. Nakong e fetileng lekgotla la dipuo la Aforika Borwa (PanSalb) e ile ya motlotla bakeng sa seabo sa hae se babatsehang seo a bileng le sona puong ya Sesotho (Dikgau tsa hae tse ding di kenyeleditswe profaeleng e felletseng ya mesebetsi, dibuka le dikgau tsa hae). Ka selemo sa 2007, Univesithi ya Freistata e ile ya tlotla KPD Maphalla ka lengolo la tlotlo la bongaka (Honorary Doctorate).

Related categories

Reviews for Kgorula

Rating: 5 out of 5 stars
5/5

1 rating0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Kgorula - KPD Maphalla

    Re qala mona, re ya pele,

    Re jarella dithotwana, re a le tipatipa:

    Re itlama matheka, re hlasela tsela,

    Ho hole moo mehahlaula re habileng,

    Re qala mona, re ya pele,

    La maobane le diketse, ho tlhaba la kajeno;

    Le ha le diketseng le diketse ka dikgohola

    La kajeno le hlaha le tshepisa mahlasedi.

    Re qala mona, re ya pele,

    Re phetla leqhepe, re qala botjha;

    Ha siba la maoba le takile mamphemphe.

    Tsoho la kajeno le tla e rala menyakwe.

    Re qala mona, re ya pele,

    Le ha thite tse ka pele di tshosa, di nyahamisa;

    Le ha mehoma e robehile ke mafika a maoba,

    Hosane talana ba lekgaba bo tla re thoba maikutlo.

    Re qala mona, re tswela pele,

    Re qala ka morolo, re ipha matla;

    Le ha thite tsa maoba di re montse ditshika,

    Di re rutile masene, ho kgatha ka malepa.

    Re qala mona, re tswela pele,

    Ka mehla leeto bothata ke hona bo qala;

    Leetohadi le qalwa ka mohato o le mong;

    Mohato ka mong o a e kutletsa tema.

    Re qala mona, re tswela pele,

    Re nka ka sekaja, re hatoha mapoqo;

    Ha ho sa na sebaka sa ho ja methinya,

    Metsotso e tsholane, nako e lekane motinyane.

    Re qala mona, re ya pele,

    Morao re qekotsa feela, re habile pele;

    Dikgetshe di swabile, madumela a ponne,

    Re a file mokokotlo, re hata ka ditshetshe.

    Re qala mona, re tswela pele,

    Re iphapanya mafufa, ha re mamele dithohako;

    Batlatlapi re ba kgotsa re ba inela matsoho metsing,

    Tsa kgale di fetile, tsohle di ntjhafetse,

    Re qala mona, re ya pele,

    Ba yang le rona le itekanye mesikaro;

    Le ha ho thwe tlou ha e sitwe ke morwalo

    Metjeketlana e katla sehwai sefutho.

    Re qala mona, re ya pele,

    Re mema metswalle, re hwehla baena;

    Mosotho o re ka mehla marematlou a ntsweleng,

    Ntjanapedi maimeng ha e hlolwe ke sebata.

    Re qala mona, re tswela pele,

    Le ha difefo tseleng di ka re kgarametsa,

    Le ha le ka benya, mmane wa thwathwaretsaka,

    Ha re sa tjhetjha ho isa lebitleng!

    Re qala mona, re tswela pele,

    Re qala ka sefela le ka thapelo;

    O mpe o tsamaye le rona Radinaledi,

    Tseleng tsa rona o thete mafika, o kate mangope.

    2. Ha ke tla ba Sethothokisi

    Ka tsetselela ho ba sethothokisi, bewana la Mosotho,

    Ka labalabela ho bina makodilo a dikgeleke;

    Ka kgahlwa ke melodi ya mahlaaso a kgale,

    Ka rera ho tsosa kgalala tseo tseso bafung,

    BoMofolo ka boBereng metjodi eo ya maoba.

    Ka natefelwa ke puo, ka hohelwa ke boroki,

    Ka bo dumaduma nyene, ka bo lora le masiu;

    Diponong ka bona dikgalala tse kgolo tsa kgale,

    Kokonono tsa ho tuma ka melodi le dithallere,

    Kgabane tsa hore, tsoha moroki, o shebisise!

    Jwale ka nka letsholo ho ya nka malebela,

    Kgabane tsa kajeno ka di hloma dipotso letooto;

    Ka rapela masupatsela ho ntataisa metjheng,

    Ba bang ba hla ba mpontsha dithaba le meralla,

    Ba bang bona ba ntshupisa tempeleng, thapelong.

    Ba re ha o tsetselela pina o hle o be mohahlaula

    Moya wa bohahlaula o tla tsosa tlhaka e letse;

    Ba re ha o labalabela lehlaaso o ye kerekeng,

    Thekong tsa barapedi o tla qhwelwa haholo,

    O tla tshwela diptjhamathe tsa ho boledisakakwa.

    Jwale mpone, ka kena tseleng pholwana letlaka,

    Jwalo ke moleleri jwale ke nna eo hase ke phaila

    Ke batlana le nthwena, bothothokisi ba kajeno;

    Ka hla ka hlwa dithaba, ka theosa le meralla,

    Ka kgutla bopelepele bo ntse bo nkgomaretse leleme.

    Ka ema mofolong wa barapedi, ka leta,

    Ka lebella maikutlo a lehodimo ho mphihlela;

    A mpheta ka thoko maikutlo a bohahlaula,

    A nkwekwetla sa thokolosi e bona letswai,

    Ka sala ke ntse ke itlhophere pholwana letlaka.

    Kgabareng sefubeng sa ka ka utlwa lentswe:

    Bothothokisi ha bo fumanwe dithoteng, matsekela;

    Le kwana bokeng tsa dikgalala bo fumanwa sewelo;

    Thoko ke maikutlo ao a fubeng sa hao,

    Ha a hloke setlhare, ha a hloke mosesetso.

    Tadima neo ke eo moyeng wa hao, kgutsana,

    Leshala leo le hlonngwe ke Modimo sefubeng;

    Nthweo ha se leshala ke

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1